Via Afrika Sesotho Home Language Grade 9 Novel: Mohahlaula wa dithota

R86.90

These novels have been written to match the interests and reading levels of Grade 7, 8 and 9 learners. The novel forms an important part of the reading component of the CAPS curriculum and must be used in addition to the class reader.

View Cart
ISBN: 9781415441619
Categories: , , ,

Description

Tsietsi Tshwaedi ke mora Kgasole Tshwaedi, ke moshanyana wa Mafahlaneng ya sapo le thata, ntho e tiileng pelo. O ne a hlokahallwa ke ntatae a sa le monyane. Pele ntatae a hlokahala o ile a mo jwetsa hore bophelo bo naka di maripa, a tshware a tiise, kgutsana ho phela e marapo a thata, a eme a iketsetse ka matsoho a hae hobane lefatshe ha le mo kolote. Hoba a fete lengolo la materiki, o fumana mosebetsi Kapa. Mona o fumana sekgametsi metsi mme bophelo ba mo futhumalla. Ka mora hore a ithute hore lerato ha le na morena mme le ho mo tseba ha le mo tsebe, a nahana Mosotho ha a re ‘Kgomo boela haeno o hodile’. Maya le ona ke maboya, e ile ya fihla nako ya hore Tsietse a boele lapeng ka morao ho paleho a hahlaula le dithota a fetohile yona hlahlasolle ka sebele. O ile a furalla motse Kapa a leba hae Mafahlaneng.

Buka ena ya Padi, e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa SLKT, mme e etsa tlatsetso ya bohlokwa ho dibuka tsa Via Afrika Puo ya Lapeng e leng Buka ya moithuti, Buka ya titjhere mmoho le ho Buka ya Padiso.