Via Afrika Sesotho Home Language Grade 8 Novel: Motswalle ya sa tsebahaleng

R71.90

These novels have been written to match the interests and reading levels of Grade 7, 8 and 9 learners. The novel forms an important part of the reading component of the CAPS curriculum and must be used in addition to the class reader.

View Cart
ISBN: 9781415441602
Categories: , , ,

Description

Nthabiseng o ile a rekelwa selefounu e ntle haholo ke batswadi ba hae. O reketswe selefounu hore a kgone ho buwa le batswadi ba hae ha a na le mathata le ha a ba hopotse, hobane boholo ba nako ba ne ba dula ba le mesebetsing e ba tsamaisang hole le moradi wa bona. Nthabiseng o ne a ntse a pasa hantle haholo sekolong, empa ka mora hore a rekelwe selefounu o ile a theoha dithutong. O ile a lahla motswalle wa hae wa sebele. A hapeha ha a fumana motswalle kgokahanong, mme bophelo ba hae ba qala ho fetoha. O ne a se a sa kgone ho qoba ho sebedisa selefounu ya hae kgokahanong. E ne e mo hohela kamehla. Qetellong ke ha Nthabiseng a fumana hore motswalle enwa wa hae ha se motswalle wa nnete, ya tshepahalang. A fumana hore motswalle enwa wa hae ke senokwane, se thetsang batho, ebile se sebedisang bana ho nka dintho tsa batswadi ba bona.

Ipalle o tle o utlwe hore Nthabiseng o ile a phonyoha jwang lerabeng la motswalle wa hae wa boqhekanyetsi.

Buka ena ya Padi, e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa SLKT, mme e etsa tlatsetso ya bohlokwa ho dibuka tsa Via Afrika Puo ya Lapeng e leng Buka ya moithuti, Buka ya titjhere mmoho le Buka ya Padiso.